Ka boqhekelli bo ntseng bo eketseha, JSE e thakgotse sesebediswa se setjha se bonolo ho sebediswa, sa mahala se matlafatsang batho ba batlang ho tsetela tjhelete ya bona ho lekola hore na ditsebi tsa ditjhelete tseo ba sebedisanang le tsona di a tshepahala, pele ba etsa diqeto dife kapa dife tsa matsete.

 

Published 20 May 2024
Posted by khashanem

Johannesburg, 17 Motsheanong 2024 –Baqhekelli ba bangata ba hlasela batho ba batlang ho tsetela le ho hodisa tjhelete ya bona. Hangata baqhekelli bana ba tshepisa phaello e kgolo e nang le kotsi e fokolang kapa e se nang kotsi, ba kgelosa batho hore ba kenye tjhelete ya bona mererong e utlwahalang e le hantle haholo hore e ka ba ya nnete. E hlokomela kotsi ena, Johannesburg Stock Exchange (JSE) e hlahisitse ‘Netefatsa Morekisi’, e leng sesebediswa sa inthaneteng se etseditsweng ho thusa batho ho netefatsa hore na barekisi ba diabo le bafani ba ditshebeletso tsa ditjhelete bao ba sebetsanang le bona ke ba nnete na le hore na ba tshepahala. Sesebediswa sena se tshehetsa mang kapa mang ya batlang ho etsa kgetho e sireletsehileng ya matsete ka ho etsa bonnete ba hore o sebetsana feela le ditsebi le dikhamphani tse molaong.

Barekisi ba diabo ke ditsebi tse fanang ka tshehetso ka ho reka le ho rekisa diabo mebarakeng e kang JSE. Di ka ba bohlokwa ho mang kapa mang ya batlang ho tsetela diabong hobane ba na le boiphihlelo le disebediswa tsa ho etsa kgwebo ka nepo. Hammoho le barekisi ba diabo, ho na le mefuta e meng ya Bafani ba Ditshebeletso tsa Ditjhelete, kapa di-FSP, ba fanang ka ditshebeletso tse fapaneng tsa ditjhelete. Bana ba kenyelletsa baeletsi ba tsa ditjhelete, batsamaisi ba ditjhelete, le barekisi ba inshorense, e mong le e mong a bapala karolo e ikgethang ho thusa ho laola matsete. Sesebediswa sa 'Netefatsa Morekisi' se tiisa bonnete ba ditsebi tsena tse fapaneng tsa ditjhelete, ho netefatsa hore di nepahetse.

Sesebediswa sa ‘Netefatsa Morekisi’ se sebetsa ka ho fana ka pono e kopantsweng ya databeisi ya morekisi wa JSE ho tswa databeising e laolwang ke Bolaodi ba Boitshwaro ba Lekala la Ditjhelete (FSCA), lekala la taolo le okametseng ditsebi le mekgatlo ya ditjhelete Afrika Borwa. Mofani e mong le e mong wa ditshebeletso tsa ditjhelete, ho kenyeletswa le barekisi ba thepa, ba tlameha ho ngodiswa le FSCA hore ba sebetse ka molao. Ka ho batlisisa ka ho sebedisa lebitso la mokgatlo kapa nomoro ya mofani wa ditshebeletso tsa ditjhelete databeising ena, sesebediswa sena se etsa bonnete ba hore ditsebi tsa ditjhelete tseo o di nahanneng jwaloka motsetedi di ananelwa ka molao mme di fihlella melao yohle ya taolo, ho o fa boiketlo ha o etsa qeto ya ho tsetela ka tsona.

"Sesebediswa sena se sebediseha habonolo mme se thusa motho e mong le e mong – ho tloha ka bo-nkgono le bo-ntate-moholo ba tsetellang ditloholo tsa bona ho ya ho ditsebi tse nyane tse susumeditsweng ke ba susumetsang ba ditjhelete metjheng ya phatlalatso ya ditaba tsa setjhaba – ho etsa bonnete ba hore ditsebi tsa bona tsa ditjhelete dia tshepahala. Re batla hore maAfrika Borwa a ikutlwe a itshepa mme a na le tsebo ha a etsa diqeto tsa matsete ka tjhelete eo ba e sebeleditseng ka thata. Sesebediswa sena se etsa hore tshebetso ya matsete e be pepeneneng le ho bolokeha le ho feta," ho boletse Nonci Rubushe, Hlooho ya Dithekiso le Matlafatso ya Dikgwebo JSE.

Mokgwa wa ho hlwaya boqhekelli

Hangata diketso tsa boqhekelli di tatisa batho ho tsetela ka potlako, di ba hatella hore ba se ke ba fetwa ke monyetla wa ho fumana diphaello tse kgolo ho tswa letseteng le "tiisitsweng". Leqheka le leng le atileng ke boqhekelli ba tefiso ya pele, moo baqhekelli ba kopang tjhelete esale pele, ba tshepisa phaello e kgolwanyane hamorao. Boqhekelli bo bong ke bomenemene ba ho rekisa ka mehala, moo baqhekelli ba iketsang eka ke basebetsi kapa baeletsi ba JSE ho thetsa batho ka mehala. Ba boetse ba etsa diporofaele tsa JSE tsa bohata metjheng ya phatlalatso ya ditaba tsa setjhaba le diwebosaete ho utswa tjhelete kapa tlhahisoleseding ya botho.

JSE kapa moemedi ofe kapa ofe wa yona a ke ke a letsa ho fumana tlhahisoleseding ya hao kapa ho o kopa ho tsetela tjhelete ka mohala le ka mohla. Mokgwa o le mong feela wa ho hweba ka kotloloho ho JSE, ke ka morekisi wa ditoko ya dumelletsweng mme lethathamo la barekisi ba ditoko le ka fumanwa ho www.jse.co.za/brokers/find-a-broker.

Itshireletse kgahlanong le baqhekelli

Haeba ho utlwahala e le hantle haholo hore e ka ba nnete, hangata ho jwalo. Batlisisa monyetla ofe kapa ofe wa matsete ntle le seo morekisi kapa webosaete e o fang sona. O se ke wa potlakela monyetla wa ho tsetela le ka mohla. Haeba o potlakiswa kapa o bolellwa hore o se ke wa buisana le ba bang ka hona, ho ka etsahala hore ebe o wa qhekellwa. Ha ho na ntho e jwalo ka puseletso e tiisitsweng ya letsete," ho boletse Rubushe.

"Ho sireletsa batsetedi le ho matlafatsa tsebo ya ditjhelete ke ntho ya bohlokwa ho rona mona JSE. Jwalo ka phapanyetsano e kgolo ka ho fetisisa mona Afrika, re elellwa haholo karolo eo re e bapalang ho phahamisa setjhaba sa rona le ho hlomella batho ba maemo ohle a bophelo ka disebediswa le tlhahisoleseding e ba nolofalletsang ho sireletsa dithahasello tsa bona tsa ditjhelete, ho etsa diqeto tsebontshang kutlwisiso, le ho phehella dipheo tsa bona tsa matsete ka kgodiseho." 

Ho sebedisa sesebediswa sa 'Netefatsa Morekisi', ka kopo etela https://www.jse.co.za/verify-a-broker-or-fsp. Haeba ofeta tabeng e bonahalang e le ya boqhekelli, e tlalehe hang-hang ka ho romella imeile ho [email protected].

QETELLO

MABAPI LE JSE

Johannesburg Stock Exchange (JSE) e na le nalane e tiisitsweng ya ho sebetsa e le mmaraka wa thekiso ya dihlahiswa tsa ditjhelete. Ke sehlopha sa phapanyetsano, se hokahaneng lefatsheng ka bophara se dumellang kgolo ya moruo e kenyeletsang ka dihlahiswa tse tsheptjwang tsa maemo a lefatshe, tse ikarabellang setjhabeng, le ditshebeletso bakeng sa motsetedi wa kamoso. E fana ka mebaraka e bolokehileng le e sebetsang hantle ya mantlha le ya bobedi ditiisong tse fapaneng, ho boleng ba tjhelete ba nako e itseng, matseteng, le mebarakeng ya mekoloto. E ithorisa ka ho ba mmaraka wa kgetho bakeng sa boramatsete ba lehae le ba matjhabeng ba batlang ho fumana monyetla wa ho ba le mebaraka e meholo kontinenteng ya Afrika.

JSE hajwale e maemong a hodimo ka ho fetisisa ho a 20 lefatsheng ka bophara ka boholo ba tjhelete ya mebaraka, mme ke phapanyetsano e kgolo ka ho fetisisa Afrika, e bileng teng ka dilemo tse fetang tse 136. E le phapanyetsano e ka sehloohong ya lefatshe, JSE e theha le ba bang, e notlolla boleng le ho etsa hore dikamano tsa sebele di etsahale.www.jse.co.za 

JSE e nka boinotshi ba hao ka botebo ho latela Molao wa POPI. Re leka ho o romella feela tlhahisoleseding e nepahetseng eo re nahanang hore e tla o kgahla le sehlooho sa metjha ya phatlalatso ya ditaba eo o sebetsang ho yona. Ha ho hlokahale hore o nke kgato efe kapa efe haeba o thabela ho tswela pele ho fumana ditaba le tlhahisoleseding tsa JSE. Haeba o ka fetola maikutlo ka nako efe kapa efe kamoso, ka kopo re tsebise. Haeba o sa lakatse ho fumana ditaba le tlhahisoleseding tsa JSE, ka kopo araba imeile ena mme re tla o tlosa dikabong tse tlang.

Dipotso tse akaretsang tsa JSE:

Imeile: [email protected]

Moh: 011 520 7000

Boikopanyo ba metjha ya phatlalatso ya ditaba tsa JSE:

Paballo Makhetha

Setsebi sa Dipuisano

Moh: 011 520 7331 | Mobaele: 066 261 7405

Imeile: [email protected]